Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Bacha ba tšoengoa ke litaba tsa Tlhopho-Bocha

By Ntsoaki Masoto

MASERU

Mokhatlo oa bacha o bitsoang Lesotho Youth for Reforms (LYFR) o fane ka ntlha-kemo ea bacha mabapi le tlhopho-bocha ea naha moo teng ba supang tšoabo ea bona mabapi le tsela eo ‘Muso oa Lesotho o tšoereng litaba tsa tlhopho-bocha ka teng khoeling ea ‘Mesa.

A bua le ’mokeng oa baqolotsi ba litaba bekeng e felileng, Moemeli oa mokhatlo oa LYFR Mohlomphehi Thuso Leina o itse LYFR ke sehlopha sa boikopanyo ba bacha ho tsoa mekhahlelong e fapaneng ea bophelo. A re mekhahlelo ena e kenyelletsa bacha, mekhatlo ea sechaba, mekha ea lipolotiki, likhoebo, likolo le bacha bao eseng karolo ea sehlopha se fe kapa se fe. “Re le LYFR re ipiletsa ho ‘muso ho tlohela ho iketsa molaoli litabeng tsa tlhopho-bocha ea naha athe litaba tse joalo li laoloa ke paramente ka kotloloho,” a rialo.

O tsetse-pele a re ka la 30 Pulungoane 2017, ‘muso oa Lesotho o entse phatlalatso ea boitlamo ba ho tšehetsa tšebetso ea tlhopho-bocha ea naha ka tokomane e bitsoang ‘The Lesotho we want; Dialogue and Reforms for National Transformation’. Leina o re ka phatlalatso ena ea 2017, tšepiso ea ‘muso ho sechaba sa Basotho, Southern African Development Community (SADC) le mekhatlo e tšehetsang Lesotho ka lintlafatso e bile hore likhoeli tse leshome le metso e ‘meli tsa pele ho tla sebetsoa litaba tse amang botsitso ba lipolotiki tse kenyelletsang tšebetso ea paramente esita le ho ntlafatsa paramente.

O supile hape hore likhoeli tse leshome le metso e ‘meli ho isa ho tse mashome a mabeli a metso e mene, ho tla sebetsoa litaba tsa boikemelo ba makhotla a molao, ho ntlafatsa litsi tsa sechaba le tlhahiso ea meralo kapa mekhoa ea ho hlahloba molao-theo oa Lesotho. O re tlhopho-bocha  e theuoe ka mekha kapa makhotla a lipolotiki a neng a ngolisitse le komisi e ikemetseng ea tsamaiso ea likhetho ka 2019, letona la molao, letona la litaba tsa machabeng, ramolao e moholo oa ‘muso le litsi tseo  eseng tsa lipolotiki li bile li sa ikarabelle ho ‘muso.

Leina o re ba utloile ha Molula-setulo oa litaba tsa moruo ka hare ho lekhotla la tlhopho-bocha a fana ka tlaleho ea litaba tsa tlhopho-bocha hore lekhotla la tlhopho-bocha le khelositsoe tšebetsong ea lona ea ho lokisa lihlomathiso tsa molao theo.

O tsetse-pele a re ba bona litho tsa lekhotla la tlhopho-bocha le Lekala la Molao ba tsekisana litaba tsa tlhopho-bocha ba sa natse National Leaders Forum kapa matlo a mabeli a paramente le ba nang le matla litabeng tsa tlhopho-bocha ho latela NRA Act 2019. “Re tšoenyehile hore ‘muso o batla ho hapa tlhopho-bocha kantle le therisano le ba nang le kobo ea bohali litabeng tsena. Re tšoentsoe hape ke hore naha e ea likhethong litšoantšo tsa melao tse matsohong a ‘muso tse tsoang lekhotleng la tlhopho-bocha li sa hlahisoa ka pele ho matlo a mabeli a paramente,” a rialo.

A re ba boetse ba ngongorehisoa ke hore ‘muso o iphapanyetsa hore ‘moka oa High Level Forum o supile hore ho siea litaba tsa tlhopho-bocha matsohong a ‘muso ke holahla litaba tsa tlhopho-bocha. Leina a tiisa hore ‘muso o iphapanyetsa hore tlhopho-bocha ke tšepo ea Basotho ea ho lokisa mathata a naha, e boetse ke tšepo ea Lesotho leo ba le batlang ele sechaba, haholo bacha. Ka hona, Leina o re ka mabaka ana, bona e le bacha ba phatlalana hore ‘muso o fositse.