Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Mokhatlo oa baoki o ntlafatsa litho ka koetliso

By Malisema Mahloane

MASERU – E le ho nts’e tsa pele litsebo tsa mosebetsi oa booki, mokhatlo oa baoki Lesotho o bitsoang Lesotho Nurses Association (LNA) o koetlisitse litho tsa oona ka litsebo tsa tsela eo mafu a hlahang ka eona le ho ts’oaetsana karolong e ngoe ea sechaba “introduction to epidemiology for global health.”

Ha a bua moketjaneng oa ho abela baoki ba atlehileng mangolo a ho phethela thuto ea bona ka katleho, President ea LNA e leng Busa Qhala o hlalositse hore mokhatlo o amohela baoki naha ka bophara ho sa natse moo ba phelang teng. A re baoki ke khale ba botsa hore na mokhatlo o ba etsetsa eng e le batho ntle feela le ho shebana le litlhoko tsa mosebetsi oa baoki o phethahala ka makhethe. Ke ka mabaka ana bona e le bookameli ba mokhatlo ba fumaneng ho le bohlokoa ho theha selekane le sekolo sa America se bitsoang University of Washington e le se seng sa likolo tse fanang ka thuto e phahameng ea booki ho fana ho baoki bohle bao e leng litho tsa mokhatlo monyetla oa ho ntlafatsa lithuto tsa bona ka litjeo tse tlase.

“Baoki bana ba tsoang machabeng batla le tlholo. Re bua nnete ha re re baoki ba rona ke bokamoso ba rona! Ha hona nako eo ba phomotseng hobane maemo a le boima ekaba ke serame sa lehloa kapa boima ba ho ts’oana le seoa sa covid-19. Re kopa litsebo tsena tsa lona le li pharalatse le naha ena. Ke ikotla sefuba ka lona hore nako ea Covid-19 le ile la ema ka matla moleng o ka pele le thusa sechaba sa Basotho,” a rialo Qhala ha a bua le baoki.

A tsoelapele hore lebitsong la mokhatlo oa LNA ba hlokomela litho ‘meleng, moeeng, bophelong ka kakaretso. Ba tsitlalla ho bona hore baoki bona mokhatlo e le lehae leo ba ts’abelang ho lona ke ka hoo ba thehang lilekane  tse fapaneng ho fihlela litlhloko tsa bona.

Mongoli Kakaretso oa mokhatlo Morephe Santi ha a bua eena o itse mokatlo oa LNA o na le nako e telele o shebane le mosebetsi oa baoki feela. Empa joale ba hopotse ho arabela litlhoko tsa baoki tsa mantlha tse amang ntlafatso ea tsebo tsa mosebetsi oa bona.

“Re lakatsa ho bona baoki ba nts’etsa pele  boithuto ba bona ‘me ra etsa seliekane le university ea Washington moo ba fumaneng koetliso ea likhoeli tse ts’eletseng. Mokhatlo o ile oa etsa memo ho baoki bohle bao e le litho hore ba bonts’e khahleho ho ntlafatsa thuto ea likolo tseo ba fetileng ho tsona,” Santi o oa hlalosa.

Ha a hlalosa makhabane a  thuto ena e mong oa baithuti Mampho Masita o boletes hore o lebohile LNA e fane ka monyetla oa boithuto le koetliso ho bohle ho sa natse moo ba hlahang kappa seo ba se sebetsang. Ba ile ba sebetsa ka matla le hoja ho le boima ba ile ba ts’oarana ka matsoho ho atlehisa morero oa bona oa ho pasa.

Nursing Directorate Cecilia Khachane o itse letsatsi la phano ea mangolo e tla lula e le sehopotso sa hore ba sehlopheng sa baoki ba bohlale, ba nang le mamello, ba nang le tsotello. Ba tsamaile moo ba bangata ba sa nahanang ba ka fihla. Baoki bao ke basebeletsi ba sechaba se kulang ba ipehe fats’e ba thuse ka kutloelo bohloko. Seo ba se fihletseng se seholo ba thabile hore se etsahetse. Ba hopole ha ba kopana le baoki ba sa tsebeng tseo ba li tsebang ba se ke b aba nyefola kappa ho ipona ba le betere. Ba tsebe hore ba teng koano mosebetsing ona ho thusa sechaba ka litsebo tse matlafetseng. A qetella ka ho leboha bohle ba atlehisitseng mosebetsi ona ka lits’ehetso tsa lichelete, litsebo tsa bona le tsohle tse ngata.

Ba abetsoeng mangolo e bile mohokahanyi oa baithuti marang-rang Morephe Santi le baoki ba latelang: Seipati Rametsi, Tlaleng Motaba, Sebolelo Ntoli, Lindiwe Motjoboko, Mampho Masita, Molefi Mpanyane, Moliehi Ntoi,  Mamoletsane Sekoto, Mamello Makoae, Maliteboho Mohlouoa, Malirontso Mokake, Mamoletsane Sekoto, Karabo Lillane le Retselisitsoe Lefokotsane.

Post navigation