Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Litsebi tsa molao li hlopholla setšoantšo sa temo-khoebo

By Rethabile Moshabe

MASERU

Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo le bokantse lihoai ka mekhahlelo ea tsona e fapaneng ho tsoa literekeng le li ’marakeng ttse teng kahare ho naha ho tšohla litaba tsa ho ntlafatsa temo le ho hlahloba setšoantšo sa molao sa temo-khoebo.

Setšoantšo sena se reretsoe ho thusa ho bopa likamano lipakeng tsa mekhahlelo ena ho ntlafatsa temo-khoebo kahare ho naha e le ho theola sekhahla sa lijo tse kenang li tsoa kantle ho naha.

Mohokahanyi Mokhatlong oa Lijo le Temo Mofumahali Debra Pokothoane o lebohile lihoai hore ebe litaba tsa temo khoebo li fihletse boemo boo li leng ho bona kaha li se li beiloe tekong linahaeng tse ngata ‘me li atlehile. O itse mokhatlo, ka kopo ea Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo Lefapheng la Lipapatso, o ile oa hlokomela sekheo se teng litabeng tsa tlhahiso ea ‘maraka ka hona ka lebaka la sona, lihoai tse ngata ha li sa hlahisa ka bongata hoba kamor’a hore tlhahiso e be teng bothata ba ‘maraka bo ba teng.

 “Lekala le ile la etsa kopo ho mokhatlo ho le tšehetsa ka lichelete hore khoebo temo e kene tšebetsong moo ho ileng hoa eba le baeletsi ho hlaha ka hare le kantle ho naha. Kopo ke hore le phamolele taba ena holimo kaha ho bile le liqholotso kang lefu la Covid-19 tse ka khinang tlhahiso e teng ho kena le ho tsoa kahare ho naha,” a rialo.

O itse ke tabatabelo ea bona ho bona hore naha e khutlela mokhoeng oa khale moo e neng e isa lihlahisoa tsa eona kantle ‘me ke hore taba eo e khutlele tšebetsong hore ha lihoai li kotutse lijo li se senyehe le hona ho jeoa ke tšupa.   

Mookameli Lekaleng la Temo le Kanetso ea Lijo Lefapheng la Limmaraka Monghali Lekhooe Makhate o bontšitse ha taba ena e le bohlokoa hoba Basotho ba hlahisa lintho tse ngata empa a re e kaba bohlale ha ho ka ba le sehlahisoa seo ba itlamang ho se tekenela le limmaraka tse teng kahare ho naha e le seo ba ka bang le matla a lekaneng a ho se sehlahisa ‘me se na le chelete e ngata.

O itse taba ea tlhahiso ka bongata le ka tsela ea tlholisano ‘marakeng ho lihoai e bohlokoa hoba e se ntse e kenyellelitse menyetla ea thekiso ka tsela e amohelehang le ho etsa phaello e lekaneng. A khothaletsa lihoai ho rekisa ka ho tekena selekane sena e le boitlamo ba ho nka boikarabello ho hlahisa thepa le ho e rekisa ka litumellano lipakeng tsa tsona le mebaraka.

Mohokahanyi tšebetsong ea Temo-khoebo Mofumahali Nothembile Nobala haa qhaqholla leeto la tšebetso ena o itse e thakhohile ngoahola ka khoeli ea Phuptjane moo ho ileng hoa bitsoa bohle ba amehang joaloka bahlanka ba ‘muso, basupisi le bahlahisi ho shebisana lintla tse tla etsa hore morero ona o atlehe.”Re ile ra theha likomiti tse tlo etsa tšalomorao ea tšebetso ena ‘me tsona e ile eaba komiti e shebaneng le litaba tsa melao le ea bolisa ba liketsahalo tse raliloeng,” a rialo.

Nobala o itse bahlahisi le bareki ba ne ntse ba kena litumellanong nako eohle empa li ne li se li sa tsamae ka thello ‘me ba lumela hore ka tumellano ena mahlakore ohle a tla tsamaea ka tsela eo a lumellaneng ka eona hoba ha ho sa lumellanoa liqabang li ka ba teng.  

O itse lefapha la limmaraka le lakatsa hore ha ‘maraka o fumanehile o bolokehe, ka hona ho na le liqholotso tseo ba kopaneng le tsona e le lefapha la limmaraka ho hokahanya moreki le mohlahisi moo moreki a tla bontša hore o kene selekaneng le mohlahisi e mong kapa mohlahisi a se phethahatse litumellano tsa ho fana ka thepa e lebeletsoeng.

Ramolao oa Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo Dr. Lertzadzo Kometsi haa hlopholla sehlomathiso sena sa molao oa temo khoebo o bontšitse ha se reretsoe ho holisa mokhoa oa ho kena litumellanong esita le likateng le sebopeho sa tumellano tsa bahlahisi le ‘maraka.

O itse e kaba litumellano tsa molomo kapa tse ngotsoeng feela tsa be li ena le moralo o amohelehang o utloisisehang ho motho e mong le e mong haholo makhotla a molao. A re li tlameha tsa be li ena le lintlha kholo tse hlokahalang kahare ho tumellano e ‘ngoe le e ‘ngoe e amanang le thekisetsano litabeng tsa temo.

“Hara tse ling hape setšoantšo sena se tlo hlahisa mokhoa oa ngoliso ea litumellano tseo re kenang ho tsona tsa thekisetsano ea lihlahisoa tsa temo. O tlo hlalosa boikarabello ba batho ba kenang selekaneng holatela boitlamo ba bona hore li itšetlehe ka molao. O tlo boela hape o tšehetsa le ho fana ka matla ho basali ba keneng kahare ho litumellano le ba sa kenang hore ba be le tšehetso eo ba e fumanang le ho rarolla likhohlano tse tla ea ho mokena lipakeng pele li ka ea makhotleng a molao,” a li beha joalo.

Kometsi o tsetse-pele ho bontša ha setšoantšo sena se arotsoe ka litemana tse 11, tse kenyelletsang hara tse ling selelekela, batho ba nang le boikarabello ba ho tsamaisa litaba tsa temo-khoebo, batho batla kena litumellanong le batho ba tla sebetsana le likateng le meralo ea litumellano tseo tsa molao. Ho feta moo, lihoai li bonahetse li khotsofetse haholo, tsa phethela ka ho bontša ha molao ona o li tsosa molota kaha ho tloha sethathong, li ne li ntse li itšebeletsa feela li sena tsebo e nepahetseng ea molao. Lihoai li kopile hore ba ikarabellang ba li thuse hore setšoantšo sena se fete kapele ho Ntlo ea Bakhethoa pele ba qala temo ea lehlabula se qhoaelloe hammoho le leano la temo hore se fete ha bobebe.