Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Masisa- pelo a Mapholaneng

By ‘Mamohaila Rampo

MOKHOTLONG

Metsi a hloekileng ke pharela sechabeng sa Mapholaneng le mathoko a eona, masimo a ile le noka, hape sechaba sa moo se tletleba ka tlhokahalo ea mesebetsi.

Ha se patuoe hore sechaba se phelang ka maloting se iphelisa ka lihlahisoa tsa temo empa esale e le mesarelo malapeng a mangata kamor’a hore masimo a tsamaee le noka. sesosa e le likhohola tse bileng teng mathoasong a selemo sena.

Puisanong le Lentsoe la Sechaba, moahi oa Mapholaneng Monghali Nkali Tlabaki o hlalositse ha maphelo a bona a amehile haholo kaha e le e mong a kenyang bana ba hae sekolo ka phahello eo a e etsang masimong, a re esale masimo a e ea le noka, o se a hula ka thata. O boletse hape ha qolotso ea bona ea mantlha e se e le tlhokahalo ea mesebetsi hobane ba se ba sitoa ho iphelisa ka temo.

Sechaba sa Mapholaneng se ahile mabopong le pela noka e kholo e bitsoang Seate, ke eona e hohotseng masimo ka bongata nakong eo eneng e tšoloha. Tlabaki o boetsa a hlalosa hape hore mohoma le mochini o kofolang e sa le e tsamaea le noka eo ea Seatle ka Pherekhong ka nako ea likhohola tse matla.

Ho sa le joalo, Mofumahali ‘Malefu Mapota, e le moahi oa Mapholaneng, o bontšitse ha ba ntse ba noa metsi a liqanthaneng hobane ha ho lipompo tsa metsi sebakeng seo. O bontšitse hape ha metsi ao a bonahala a ena le likokonyana le liboko tse khubelu empa ba ntse ba tsoela-pele ho a noa a ntse a le joalo kaha metsi e le tlhoko ea mantlha ea botho. Ntlheng ea mafu ao a ka bakoa ke likoakoana tsa metsi a selibeng, Mapota o bontšitse ha mahlasipa ana le matšoao a fokolang a bohloko ba kampeng ebile ba tšoaroa ke sefuba.

Moahi oa Likoung, e leng motsana o ntseng o oela Mapholaneng, Mofumahali ‘Mahopolang Tloutle eena o re ba seboko ka Morero oa Ntlafatso ea Metsi a Lihlaba (LHDA). Tloutle o re Meholoane ea noka eo e pela matlo a bona hoo bana ba ka oelang ka moo ha ba se tataisong ea batsoali. Motse ona oa Likoung o monyane ebile o potapotiloe ke noka ea Seatle ka mathoko a ona. Tloutle boetse a hlalosa ha ba ne ba tšepisitsoe ho falla ha morero oo oa ntlafatso o qala, empa le kajeno tšepiso eo e ntse e so phethahale.