Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

‘Muso o Khothaletsa Temo Ele Ho Nyolla Moruo oa Naha

By Thandiwe Kubere

MASERU – ‘Muso oa Lesotho, ka lekala la temo, o elelitse sechaba ho ithukhubetsa ka matla temong ele ho nyolla moruo oa naha, le ho netefatsa toants’o ea tlala sechabeng. E le ho khothatsa sechaba, ‘muso ts’episitse ho reka lijo-thollo ho tsoa ho lihoai tsa Basotho.

Mongoli oa lekala la Tikoloho, ‘Mabataung Khalane, o bonts’itse hore ho latela liphuputso malebana le mekhoa ea Basotho ea boiphiliso ea selemo sa 2022/2023, ho ile hoa fumaneha hore Basotho ba ka bang likete tse makholo a mahlano, mashome a mabeli a motso o mong, ba phela tlokotsing ea tlala (521 000).

Maemo a renang haajoale, a supa ha sechaba sena sa Basotho se na le tlokotsi ea kanetso ea lijo malapeng. Ka hona, ‘muso oa Lesotho o ikemiselitse ho reka lihlaisoa tsa Basotho e leng lijo-thollo, ‘me tsona ke linaoa le poone. Khalane o bonts’itse hore ‘muso o tla etsa sena ka ho etsa mats’olo a ho fana ka mesebetsi ea ntlafatso (food for work), e le ho khahlametsa sechaba se tlokotsing ka lijo tse tlang ho rekoa ho lihoai. “‘Muso o tla reka ka tsela e latelang: linaoa tsa boima ba mashome a mahlano lekholong(50%), linaoa tsa lebete ke sekete sa Maloti le mashome a mahlano, tsa pinto ke sekete sa Maloti le makholo a mabeli, tsa ‘sugar beans’ ke sekete sa Maloti le makholo a mabeli. ‘Me linaoeng mona, muso o lebelletse hore ha hothoe motho o tlisitse haholo, a be a tlisitse mekotla e lekholo motho ka mong.” Khalane o boetse a hlalosa hore qeto ea lipalo tsena e fihletsoe hore motho leha ekaba o lemme ho feta moo, a tle a rekise ‘me a siele ba bang.

“Ha re tla pooneng, boima ba mashome a mahlano a tla rekoa ka makholo a mabeli, mashome a supileng a metso e mehlano a Maloti. ‘Me mona sehoai se lebelletsoe hore ha hothoe se tlisitse haholo, se tlise mekotla e sekete.”

Ho sa Le joalo, o bonts’itse hore qalo ea ts’ebetso ea morero ona ke ho tloha letsatsi la leshome le metso e robong Phupu, ho isa la ‘ne Phato, ele ka hara matsatsi a hara beke ho tloha ka hora ea borobeli hoseng ho isa ha hora ea bone e fitile ka metsotso e mashome a mararo mantsibuea. A tsoela pele hore theko ea lihlaisoa tse boletsoeng e tla etsetsoa litorong tsohle tsa ‘muso eleng ‘food management unit’ naha ka bophara.

Lihoai li eletsoa ho tlisa lihlaisoa tsa selemo sena se holimo, ‘me e be lihlaisoa tsa boleng bo holimo- bo amohelehang ho ea ka lipehelo tsa limaraka. Lihoai li boetse li lebelletsoe ho tla le pilisi ea ts’upa.

Ha a tsoela pele a re ho fihlile tlhokomelong ea ‘muso hore hona le Basotho ba rekang lijo-thollo tse joalo naheng ea boahelani ho tla li rekisetsa ‘muso. ‘Me ka lebaka leo, o hlokomelisa lihoai hore nakong ea thekiso,  ‘muso o tla ikholisa ka hohle hore morekisi e fela e le sehoai.

Tse hlokoang ho morekisi; ke lengolo la bopaki hotsoa ho morena, ke boitsebiso ‘me e ka ba tokomane ea boitsebiso kapa tokomane ea ho eta. Tse ling tse hlokahalang ke bopaki kapa linomoro tsa moo motho ka mong a bokellang chellete ea hae kapa moo a ka lefelloang teng kaha ho tla sebelisoa mokhoa o joalo oa ho lefa. 

Setereke se seng le se seng se lebelletsoe hore ho ka rekoa lijo-thollo tsa boima bo latelang: ho tlo rekoa poone ea likete tsa mashome a ts’eletseng, ha linaoa e tla ba tsa likete tse leshome le metso e ‘meli seterekeng sa Mokhotlong; ha e le Botha Bothe teng ho tla rekoa poone ea  mashome a supileng a metso e mehlano, ‘me linaoa ho rekoe tsa likete tse leshome le metso e mehlano; Leribe ho rekoe poone ea lekholo le mashome a robong a metso e mehlano ea likete, linaoa e be tsa likete tse mashome a mararo a metso e robong;  Berea ho rekoe poone ea lekholo le mashome a tseletseng a metso e mehlano a likete, ebe linaoa ho rekoa tsa likete tse mashome a mararo a metso e meraro; Maseru teng ho rekoe poone ea likete tsa makholo a mabeli le mashome a supileng ha linaoa ho tla rekoa tsa likete tse mashome a mahlano a metso e mene; Mafeteng ho tla rekoa poone ea lekholo le mashome a mabeli a likete, linaoa ho rekoe mashome a mabeli a metso e mene a likete,  Mohale’s hoek ebe poone ea lekholo le mashome a mabeli a likete, ebe linanoa ho rekoa likete tse mashome a mabeli a metso e mene; Quthing ebe poone ea likete tse mashome a mane a metso e mehlano, linaoa ebe tsa likete tse robong; ha Qacha’s Nek teng poone e tla ba ea likete tse mashome a supileng a metso e mehlano, ebe linaoa ho rekoa tsa likete tse leshome le metso e mehlano; Thaba-Tseka eona poone ho tla rekoa ea likete tse mashome a supileng a metso e mehlano, ha linaoa e tla ba tsa  likete tse leshome le metso e mehlano

Tsena ke tsa ha ho qaloa thekiso. Ka kakaretso, lijo tse hlokoang kapa tse tlang ho rekoa  ke ‘muso oa Lesotho ke millione e le ngoe makholo a mabeli a likete a poone, ebe linaoa tsona ke  makholo a mabeli, mashome a mane a metso e mene a likete, e le kakaretso ea litereke kaofela.

Bakeng sa lipotso tse ka bang teng ka litaba tse boletsoeng, sechaba se eletsoa ho etela kantorong ea lefapha la likoluoa (DMA). Ka hona lihoai li eletsoa ho iponahatsa ka bongata e le ho kenya letsoho toants’ong ea tlala ka hara naha ea Lesotho, le ho nyolla moruo oa naha ka ho reka li hlaisoa tsa sechaba.

Post navigation