Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Sechaba sa Ha-Seitlheko se lla ka metsi

By Rethabile Moshabe

MAFETETNG

Hara lintlafatso tseo ho bonahalang e le leqeme le leholo kahare ho motse oa Ha-Seithleko, Morena Nthonyana Seitlheko o bontšitse ha tsa mantlha e le thlokahalo ea metsi, khaho ea limmoto- moto tseleng ea letšoana le ho katoa hoa mangope.

Puisanong e ikhethileng le Lentsoe la Sechaba, Seitlheko o itse ho na le karoloana e ‘ngoe ea motse e ahileng thabeng moo ho tsebahalang ka lebitso la lirakeng, e khang  metsi hole le moo e phelang teng ka lebaka la khokelo ea metsi e sa hloekang empa tanka ea metsi e le teng.

O itse sello se seng se seholo seo sechaba se llang ka sona ke tlhokahalo ea limmoto-moto tseleng e kholo e kopanyang setereke sa Mafeteng le Mohale’s Hoek ea letšoana e fetang kahare ho motse.

“Ho se ho hlokahetse batho ba bangata haholo holatela lebelo leo likoloi li fetang ka lona sebakeng sena. Re seleballetsoe hore na re ka etsa joang ho fenya bothata bona. Batho ba bang ba qetella ba nahana ho etsa lintho tse etsoang libakeng tse ling haholo naheng ea boahelane moo ha ho qeta ho etsahala likotsi tse kang tsena ebe ba nka lipeke bosiu ba fata tsela. Sena ba se etsa ka sepheo sa ho etsa limmoto-moto tse tla etsa hore lebelo la likoloi le theohe ebe ba ikarabellang ke hona ba tla nka khato empa ke le moikarabelli ha ke lumellane le taba eo,” ke Seitlheko eo.

Ho sa le joalo, o bontšitse hape ha mangope a atile kahare ho motse ona, a re a ka ba mahlano ka kakaretso moo a mang a bonahalang a se a tebile haholo, ‘me ho hlokahala hore a katoe kapa ho etsoe marokhoana a maoto. A re sena se baka tšetiso ho batho ba baholo le bana ba sekolo kaha bona ba qetella ba sa atlehe ho finyella kapa ho khutlela malapeng ha bobebe ho tsoa likolong ha lipula li ena haholo. A etsa tlhokomeliso hore marokhoana ana ba a kopa molemong oa hore batho ba tšele, beng ba liphoofolo ba ele hloko ho tsamaisa liphoofolo ka thoko ho ona kaha li ka baka tšenyo.

“Lengope le leng le ne le se le haba ho ea setšeng sa mabitla, re lekile ho le kata re le sechaba ka majoe empa kaha tšebetso ea rona ke ea matsoho, lipula ha lina ka matla lia hohola,” o li behile joalo.

Potsong ea hore na kaha litaba tsa sechaba morena o li sebetsa hammoho le mokhethoa oa puso ea libaka na bobeli bo rerile ho fenya bothata bona joang, Seithleko o itse litaba tsena ba llile ka tsona nako e telele ho tloha selemong sa 2013. A re kaofela ha tsona li tsejoa ke Lekhotla la Puso ea Libaka la Mafeteng empa ha lea fana ka tsela e otlolohileng kaha le bontšitse le tjametsoe ke tlhokahalo ea chelete. “Mokhethoa oa puso ea libaka o ile a nka khato ho sebetsa litaba tsena empa ha li ea re tsoela mosola kaha ntlheng ea limmoto-moto teng karabo e bile hore thuso ha ena potlaka kaha li ahoa ka boturu,” a rialo.