Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Temoso ka bohlokoa ba ho tšoaea liphoofolo

By Ntsoaki Masoto

LERIBE

Letona la tsa Lehae Mohlomphehi Motlalentoa Letsosa o bile le kopano le marena seterekeng sa Leribe, ho ba lemosa le ho ba khothalletsa ho eletsa sechaba ho tšoaea mehlape ea bona.

Letsosa ha a bua ‘mokeng ona o hlalositse hore beng ba liphoofolo, haholo baamani, ba na le tloaelo ea ho tšoaea liphoofolo tsa bona ka letšoao le tšoanang ‘me sena se jala pherekano e kholo nakong eo li ilo chesoa ka tšepe. O khothalelitse hore ha ntate ka hare ho lelapa a khetha ho siela mora oa hae phoofolo, mora le eena a ikhethele letšoao le fapaneng le leo liphoofolo tsa ha bo li nang le lona. “Haeba o mo fa phoofolo e se ntse e tšoauoe, o e tsamaisa le mabeisi a eona le hoja e tla ngolisoa e le ea hae ‘me likonyana tsa phoofolo eo li tla tšoauoa ka letšoao la hae,” a rialo.

O tsetse-pele a re ho na le masholu a khothaletsang sechaba ho se tšoae liphoofolo tsa bona ka hore li tla ota, li tla folotsa, li tla shoa sethoathoa, kapa li tla etsa nama e mesifa. O re morero oa masholu ana ke hore ha ba li utsoa hore ba lo li rekisa ka ho la Afrika Boroa, ba tle ba khone ho li chesa ka tšepe ea bona. Letsosa o boetse a qholotsa beng ba li mehlape ho tšoaea liphoofolo tsa bona ka matšoao a tla nolofalla le ho hlokomeleha ha bobebe ha phoofolo e utsoe ho feta hore ebe monga phoofolo o tla ba e hlalosoa ka matšoao kapa mebala eo batho, haholo ba phelang mabalane, ba bang basa e tsebeng.

 O entse mohlala ka hore mokhoa o bobebe oo ba ka tšoaeang liphoofolo tsa bona ka ona ho ea ka litereke ka ho fapana e ka ba ka letšoao la mokorotlo C ebe e ba linomoro ‘me ka mokhoa ona phoofolo e tla khona ho hlokomeleha ha bobebe. O elelitse Marena ho re ba lo bua le sechaba sa bona hore ba tšoae mehlape ea bona e le ho e sireletsa khahlanong le masholu kaha liphoofolo tse nang le matšoao, masholu a sitoa ho li rekisa ‘marakeng e meholo.

Morena oa Ha Mokokoana Monghali Mokokoana Jonathane o itse ho fihlile tlhokomelong ea hae hore ka hare ho naha ha ho na motho ea nang le tokelo ea ho ba le litšepe tsena tse tšoaeang liphoofolo ntle le lekala. O tsetse-pele a re ho hlokomelehile hore ho na le Basotho ba nang le litšepe tse joalo ka hare ho metse ‘me bao eka ‘nang eaba ba nka monyetla oa ho ea nka liphoofolo tseo beng ba tsona ba sa li tšoaeang ebe ba itšoaela tsona. “Litšepe tseno ho utloahala ba li nka Foreisetata ‘me ba li fuoe hore ebe thepa ea bona joale ba tla le tsona Lesotho mona ho tla baka bobolu,” a rialo. Jonathan o kopile lekala hore le ele hloko taba ena ‘me le e thibele.