Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Letona le hlalosa  ts’enyo ea chelete

By Thandiwe Kubere

Maseru- Toants’ong ea moruo o tetemang oa naha ea lesotho le patlisisong ea moo chelete ea sechaba e sebelitseng teng, lekala la moruo le meralo ea nts’etso-pele ea sechaba le hlalosa ho bile le ts’ebeliso e bohlasoa e sa hlakeng ea chelete le thepa ea ‘muso.

Mosebetsi o moholo ea lekala la moruo le nts’etso-pele ea sechaba ke ho bona hore chelete eo paramente e abetseng ‘muso e sebelisoa ka mokhoa o nepahetseng le ho netefatsa hore meralo e ea phethahatsoa. Ho fihlela sena, lekala le sebetsa ka ho otloloha le amang e le ho utloa moo tlhoko e leng teng, molemo oa hore tlhoko e joalo e fihleloe, le hore na e tla khutlisetsa eng ho nahana esita le chelete e hlokahalang ele hore ho tle ho roaloe hantle.

Puong ea hae letona la moruo le nts’etso-pele, mohlomphehi Rets’elisitsoe Matlanyane, o bonts’itse hore nakong ea matsatsi a lekholo, lekala le shebane haholo le karolo ea ts’ebeliso ea chelete eo ho seng tlhaloso e hlakileng ea hore e ile kae, e le ho fuputsa ts’ebeliso ea eona le hore na ho etsahetse eng ka eona. Lekala le boetse la shebana le bahoebi ba sa lefuoang ‘moho le ho lekola ts’ebeliso ea thepa ea ‘muso le boleng ba eona.

Mohlomphehi Matlanyane o hlalositse hore joalo ka ha a ne a ile a etsa polelo hang hoba ‘muso o kene ts’ebetsong, ho bile le ts’ebeliso e mpe ea chelete. “Re fumana bohlasoa bo bongata haholo ts’ebelisong ea chelete ea ‘muso. Bohlasoa boo ke ba hore ‘muso o mekoloto e mengata haholo, ‘muso ha o na chelete. Re fumana hore mong le mong o n’a iketsetsa borata ka chelete”. Mohlomphehi o bonts’itse ho ena le molao o tlamang mang le mang ea rongoang ke ‘muso ho itlaleha, e le ho fumana tumello le taelo pele a ka nka leeto. ‘Me molao ona o se o sa lateloe – ho se ho ithekeloa litekete fela ho se na tlaleho kapa tumello ebe ho hlahisoa ‘muso o e na le mokoloto o joalo. Ts’enyo e ‘ngoe ke hore ‘muso o ne o patalla mafura a likoloi tsa bahlanka ha ba phetha mabaka a motho ka bo mong – a ka thoko ho bosebeletsi ba sechaba.

Ho sale joalo, ho bile le ts’enyo ea thepa ea ‘muso e akhang likoloi tseo ho sa tsebahaleng moo li teng, ha tse ling tsona li pakiloe fela li robehile ‘me li sa etse mosebetsi oo li lokelang hoo phetha. Ka mabaka ao, bahlanka ba kalima likoloi tsa beng ba tsona ka mekhoa e sa nepahalang ebe ‘muso o lokela ho lefa. Tsena li etsahala nakong eo Lesotho, papisong le naha tse ling, le nang Le moruo o tetemang.

Ka ntle ho moo, lits’ebeletso tse hlokuoeng ke ‘muso li lefisitsoe ka mokhoa o “makatsang o holimo haholo”. “Re fumane likonteraka tse mpe tse tekennoeng hothoe ke tsa ‘muso, tseo ho sa tsebahaleng na batho ba neng ba li tekena ba ne ba re li thahasello tsa ‘muso  li tla hlokomeloa ke mang hoba ke bona ba patalloang ho etsa mosebetsi oo.

Ele ho nelehetsa ‘muso  letsoho, kaha ho ne ho sena letho mokotleng, lekala la Moruo Le Meralo ea nts’etso pele le atlehile ho batla le ho fumana chelete e kalo ka Billione. Ho eona, lekala le khonne ho lefa mokoloto oa ‘muso oa 260 millione, ‘moho le mekitlana e salletseng morao ea 643 millione. Ha ho hlahlojoa libuka, ho fumanoe mokoloto oa 443 millione e le ea mesebetsi e abuoeng ho sena litokomane tse lokelang hore e be li teng. Ho boletsoe ha bahoebi le mekoloto e joalo, e kekeng ea lefshoa ntle Le hore makala a fane ka litokomane tse nepahetseng ebile li hlakile.

Puong ea hae, Mohlomphehi Matlanyane o elelitse bahlanka ho tlisa mekoloto e salletseng morao makaleng a bona e le hore e tle e lekoloe ‘me ho fumanoe malebela a hore e lefshoa joang esita le ho ahlola hore na e meng e lokeloa ho pataloa Kapa e siuoa morao. O boetse a hlakisa hore chelete e teng haajoale e se e tlo sebelisoa feela ho phethahatsa merero ea 2023/24. Hape bahlanka batlo lokela ho nka boikarabello le ho ela hloko hore na e sebetsa hokae, joang.

Lekala le sebelitse ‘moho le amang ho fetola mekhoa ea ts’ebeliso e mpe ea chelete le ho tla ka meraro e mecha hore etle e tsoele sechaba molemo nako e telele. Liphetoho tse ling li kenyelletsa hore ho be le ngoliso le tlaleho e hlakileng ea thepa ea ‘muso  e tlo abeloa makhotla a libaka. Thepa e tlo ajoa e se e ts’oauoe ebile e tekenetsoe. Lekala le ts’episitse ho lebela ts’ebetso ea eona le boemo ba eona ele ho qoba bohlasoa bo seng bo bonahetse.

Tse ling tsa liphethoho tse entsoeng ho fokotsa lits’senyehelo tsa ‘muso ke ho emisa ts’ebeliso ea lithakali (Yellow Plant Machine) e le ho lekola boemo ba tsona le ho sebelisa tse hlokahalang fela. Letona la puso ea libaka, borena, litaba tsa le hae le mapolesa le bolela hore le hlokometse li sebelisoa hampe ‘me methati eo li lefuoang ka eona e le e fosahetseng. O boletse hore ho tloha joale ho se ho tla etsoa tlaleho le ho lekola hore boemo ba lintho bo nepahetse. 

Post navigation