Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Melata e lumelloa ka Lithunya

By Kananelo Ndunduzela

MASERU

Police Constable (PC) Bokang Tatai hotsoa ho ofisi ea liphatlalatso o hlalosa ha melata e lumelletsoe ho ba le lithunya ka hare ho naha ea Lesotho. O re bongata ba melata ba tso’ereng lithunya tse molaong ‘me lina le li license ka hare ho naha ea Lesotho. O re sena se bathusa ho sireletsa likhoebo tsa bona ha ‘moho le malapa a bona khahlanong le linokoane kaha botlokotsebe bo bonahala bo nyolohile haholo ka hare ho naha.

Tatai o tsoelapele o re leha ele moo melata e lumelletsoe ka ho ba le lilisense(licence) tsa lithunya ha ele bo rakhoebo, ho ntse ho ena le ba bang ba bona bao ba nang le lithunya tse seng molaong. o re bao ba lifumana hotsoa ho Basotho ba barekisetsang le ho ba hirisetsa tsona ka lichelete tse boima ‘me sena se nyolla lipalo tsa botlokotsebe ka hare ho naha.

E mong oa bahlanka ba ‘muso hotsoa ho Lesotho Security Services (NSS) Thabo Mokethi, o bonts’itse ha ho ba le lithunya tse molaong hoa melata ho thusana haholo ho nyolla moruo oa naha ena kaha bao ba likhafela. O re melata e khafela lithunya ho re ba li sebelise hantle kapa hampe.”Ba bang ba bona ba sebelisa lithunya tsa bona tse molaong ho etsa litlolo tsa molao ka ha ba tseba ho re ha ba na ho ts’oaroa ke sepolesa kaha ba tlabe ba likhafetse ‘me sena se bonahala ele bothata ka hare ho naha ea Lesotho.” Ke Mokhethi eo.

Donald Guveya, a tsoang naheng ea Zimbabwe eo eleng rakhoebo ho engoe ea li khoebo tsa recycling o re ho tlile tlhokomelong ea hae ho re melata e ea hlaseloa hangata ka ha re ho naha ena ‘me ba utsoetsoa thepa ea bona ha ‘moho le chelete ‘me m’uso oa Lesotho o thusana haholo ka ho etsa hore li license(licence) tsa lithunya li be teng ka hare ho naha ena sebakeng sa bo rakhoebo ‘me sena se ba thusa ho ts’osa linokoane haholo ho its’ereletsa ka nako ea tlhaselo.

E mong oa bo rakhoebo ba Lesotho Thato Selibo (Ha se mabitso a hae a ‘nete) o re naha ena e etsa mosebetsi o motle haholo ka ho etsa hore bo rakhoebo, ele Basotho kapa melata, ba be le lithunya tse molaong kantle ho khethollo. O re sena se ba thusa haholo tlhokomelong ea likhoebo tsena tsa bona kaha lithunya li ba thusa ho itlokomela le likhoebo tsa bona nakong ea tlhaselo ea litlokotsebe.    

Ka hare ho naha ea Lesotho, hahona melao e thibelang batho bao eseng bahlanka ba ‘muso ho sebe le lithunya. Sena se bolela hore motho e mong le e mong ha fela ele rakhoebo, molata kapa Mosotho a kaba le sethunya ha fela se le molaong.

Post navigation