Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

‘Muso o phatlalatsa letsatsi la likhetho tsa mekhanselara

 By Mpho Shelile

MASERU – Mohlomphehi tona kholo Samuel Ntsokoane Matekane o phatlalatsa letsatsi leo likhetho tsa mekhanselara etlang ho ts’oaroa ka lona. ‘me o itse  likhetho li tla qala ka la mashome a mabeli a metso e robong Loetse  selemong se holimo, ele hona ho ea khetha le ho busetsa bakhethoa litulong. Ka hona o fane ka taelo ho motsamaisi oa likhetho ho etsa bo nnete hore likhetho tsena li tsamaea ka nepo, a ipapisitse le molaoana oa 1998 ka lona tsatsi leo le seng le boletsoe.

Bakhethi ba hopotsoa ho ela hloko hore mabatooa ha a fetoha, ho ntse hotlo sebetsa mabatooa e  saleng a le teng ts’ebetsong ho tloha  pusong ea libaka ka 2017. Ka hona bakhethi ba khothaletsoa ho tseba mabatooa a bona hantle, ba ntse ba etse hloko ea hore ho tseba ka mabatooa ho thusa ka hoetsa liqeto tse nepahetseng nakong ea likhetho, ele hore motho a se khethe lebatooa le fosahetse ka hona ho fumana mabitso a hae a hlaha lebatooeng le fosahetseng. Le hore mokhanselara a khethiloeng a sebetsane le tlhoko tsa bona.

Bakhethi kapa sechaba se batlang ho nchafatsa tokomane tsa bona kapa hona ho ngolisetsa hotla khetha ba se baka ngolisa ka marang-rang (website) ea IEC eo eleng WWW.iec.Org.ls ele ho etsetsa bakhethi mosebetsi o bobebe kaha ba satla hlole ba etela kapa hona ho fola mela e melele litsing tsa IEC. Ha eba ngoliso ea motho enepahetse kapa e sa nepahala o fumana molaetsa otla motsebisa ngoliso ea hae na e joang. Ntse re hopola hore lilemo tse nepahetseng tsa ho khetha li leshome le metso e robeli ho ea holimo.

Sechaba se khothaletsoa hape ho etela litsi tsa IEC hoea sheba hore na mabitso a bona a ea fumaneha kapa hona hoea etsa phithisetso nako e sale teng. Ka hona bacha ba khothaletsoa hore ba ithukhubetse ka matla likhethong ele ho baballa tokelo tsa bona tsa ho khetha, le ho khetha motho eo ba boneng a ena le makhabane a ho tlisa lintlafatso metseng ea bona. Ka hona mokhethi ea khabane hopola hore khetho ea hao e o fa matla a ho etsa phethoho mabatooeng a lona.  

Post navigation