Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

TLHABOLLO E BAPALA KAROLO E KHOLO BOPHELONG

By Mpho Shelile

MASERU –

Tlhabollo e bapala karolo e kholo maphelong a batho, kaha e thusa bakuli ho tseba haholo ka mafu ekabang a ba ts’oere le ho ba bont’sa ka mekhoa kapa methati eo batlang ho e latela ha ba kena kokelong eka ba e feng, e bile e thusa batho ho fetana le mathata le liqholotso tseo ba kopanang le tsona maphelong a bona. E ba thusa hape leka ho theha ts’ebetsano e ntle pakeng tsa mokoli le ngaka, esitana le ena mooki.  

Puisanong le ‘M’e ‘Malehloa Albertina Molopo eo eleng mohlabolli oa Senkatana Oncology Clinic, e fumanehang Lithabaneng seterekeng sa Maseru, o re hlaha leseling ka hore na tlhabollo (counselling) keng le hore na motho eaka lakatsang ho ea ithutela hoba mohlabolli a ka latela methati efe.  Malehloa o sebetsa Senkatana e leng sitsi sa kokelo sa mofets’e (cancer) ka ho hlabolla bakuli. Mofets’e o mefuta e mengata e kaba oa matsoele, oa popelo, oa lets’oafo  kapa sebete le oa letlatlo. Ka hona bakuli ba amohela sephetho ka mokhoa o fapaneng, ‘me ba bang ba hloka motho ea nang le leseli ho ba thusa ho amohela boemo boo.

‘Malehloa o kene sekolo se phahameng sa National University Lesotho (NUL), moo teng a ithutetseng lengolo la (pastoral care and a counselling). Mme o qalile ho sebetsa setsing sa Senkatana ka selemo sa 2020 Phato, o bonts’itse ha leeto la hae ho fihlela ha joale e le le monate. Mme a thabela seo a se etsang, kaha e le motho ea ratang ho thusa batho ba bang hore ba lule ba thabile le hore batlale ka ts’epo ea hore kalafo e teng.

Ha a fana ka keletso ho batho ba ka khahloang ho ithutela kapa hona ho sebetsana le tlhabollo, Malehloa o boletse hore motho oa mohlabolli o lokela ho ba le mamello, le kutloelo bohloko, kutloisiso e matla bakuling ba hae le lerato la mosebetsi oa hae. O boletse ha lekala la bona le sa sebetsane le bakuli ba mofet’se feela, ba fana ka lits’ebeletso tsa bona ho batho bohle ba amanang le mokuli, ekaba lelapa, moahisane kapa motho ea hlokometseng mokuli.

‘Malehloa o boletse ha office ea bona e pabala karolo e kholo ho mokuli, ka ha ba shebana le ho thusa mokuli oa bona ho ikamohela maikutlong le moeng. Ele hore ha ba fetela ho ngaka ebe ele hore ose ale betere. “Ho motho ea ka batlang ho ithutela hoba mohlabolli o lokela hoba motho ea nang le  mamello, le boits’oaro bo botle, a be le kutloelo bohloko. Ebe motho ea ekemiselitseng hotla amana le bakoli ba hae me a etse mosebetsi oa hae ka lerato”. Ho bolela Malehloa.

Ka hare ho naha ke batho ba ka bang bane leshomeng  ba amohetseng hore ba hloka tlhabollo, ke a le mong feela ho ba lesome ba felang ba tsoela pele ho ea etsa tlhabollo holima ba bane ba boletsoeng pele. Palong eo, ba babeli ba ipolaea ka mabaka ao ekabang khatello ea maikutlo haholo batho ba bacha. Khatello ea maikutlo ke ntho eo tlhabollo eka e folisang. Litsi tsa tlhabollo li se li le ngata haholo ka hare ho naha me litletse ka basebeletsi ba leng malala a laotsoe ho etsa mosebetsi oa bona.

“Ese ekare bana ba Basotho baka khutle mekhoeng,mme ba amohele hore ba hloka thuso. Hoba ho nka mohloli ho lumela hore o hloka thuso ka ha ho amohela tsena tsohle ele leoto la pele leo mokuli a le nkang hore le rona re tsebe ho mo amohela ka lerato le ho mo aha ka tseo atlang ho li hloka hore a be le kalafo e nepahetseng” ho bolela mme ‘Malehloa.    

Re le Basotho re ntse re oela tlasa taba ea hore tlhabollo ha ena bohlokoa, “tlhabollo ke ntho tsa makhooa” ke polelo e sa feleng melomong ea rona. Taba kholo ke hore bana babo rona ba lahleheloa ke maphelo a bona ka ntho tseo e leng hore tlhabollo e ne eka li phekola. Ka hona e se ekare re ka tsebisa bohle ka bohlokoa ba tlhabollo le hore hase phoso ho lula fats’e le mohlabolli ho buoa ka seo ebang se re imetse e le ho fumana thuso.

Post navigation