Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

TLHOKOMELISO HOTSOA HO LEKALA LA MESEBETSI EA SECHABA  LE LIPALANGOANG

By Mpho Shelile

MASERU

Lekala la sechaba le lipalangoang le hlokomelisa batho ba palamang makoloi a sa fuoang tumello ea ho palamisa baeti, e le tseo ba li letsetsang kapa tseo ba lifumanang ka ts’ebeliso ea marang-rang kapa ba lifumane tseleng (catch a ride) li beha maphelo a bona tsietsing, mohlala ba ka retloa, ba utsoetsoa e esita le hona ho koeteloa kapa ho betoa.

Ka hona lekala le ipiletsa ka hona ho Basotho ba ntseng ba etsa seo ho emisa hang hang, hoba seo se kaba kenya tlokotsing. Lekala le hopotsa sechaba hore koloi ea baeti, hoea ka molao ke e nang le lintlha tse latelang; polomiti (permit) ea ho nka baeti e le C, D kapa F permit (cross border permit), e roetse nomoro polata e sootho e tlhaku li peli, mohlala (AO1BBC). E be le khutlo-tharo (triple) e manamisitsoeng kapele ho koloi (windscreen). Tokomane e bonts’ang moo koloi e eang, le likoloi tsohle tse baeti ba ts’oanetseng ho lipalama li boemelong ba tsona (bus and taxi ranks).

Ka hona sechaba se hlokomelisoa ke hona ho palama likoloi tse nang le tse boletsoeng. Likoloi tsohle tse hlokang lipehelo tsena e bile li sebelisa mekhoa eseng molaong ea ho batla baeti, ha se tse sebetsang ka molao.

Baqhobi ba makaloi a senang mangolo ba bonts’itse ha makoloi e se a bona, empa bona ba oela tsietsing ea ho qhoba makoloi a joalo hobane ba hloka mosebetsi. M’e beng ba makoloi a seng molaong ele bona ba batlatlapang bona ha koloi tse joalo li ts’oeroe, ke bona ba tlamehang holefa chelate e kalo ka makholo a mahlano a maloti lekhotleng ebe bona ba e hula mekholong ea bona. Hoba beng ba makoloi ba re haba nke boikarabelo hoba hase bona ba ts’oarisitseng koloi. Bare beng ba makoloi ba fana ka koloi tsa bona ba tseba hantle se ka hlahang ha koloi eka ts’oaroa. Empa ntse ba lumela hore ba tsamae ka ona a ntse a le joalo.

Haele ba qhobi ba koloi tse molaong ba boletse ha bale seboko, ba qhobi ba koloi tse seng molaong ba ba nketse baeti, ha e mong a tlitlibile ka hore bongata ba makoloi a seng molaong ke a mapolesa. Ka hona leha a ka ts’oaroa o kese a bone a le teng lekhotleng hoea lefa. Ene taba e no e bohloko hoholo, hoba ba khafela makoloi a bona ka chelete tse ngata, ebe haba khone ho nka baeti hoba hona le batho ba ba baselisang ha bohloko.

 Mopalami oa lephele ‘m’e Marapelang Ramabele o bile seboko ka hore bona haba tsebe koloi tse molaong ke lifeng, o oa bone feela ha base ba ts’oaroa ke mapolesa hore che o palame koloi eseng molaong. Ene taba ena e etsa hore a fihle mosebetsing esita le mabakeng a hae nako ese e ile.

Ha Mafusi ele mocha a boletse a thabela ho palama makoloi a joalo, hoba ele motho ea ikelang menateng ea bosiu. Joale ore ha a qala a letsetsa lephele nako eohle ea bosiu le molata ntle le ts’enyo ea nako, ebile le mofihlisa hae moo a lulang le sa mothehole setopong joalo ka makoloi a molaong. O boletse ha makoloi a baeti a na le nako ea ho chaise empa haele maphele a sebetsa bosiu le mots’eare. O boletse a sa hanane le molao. Empa o itse aka khothaletsa baqhobi ba makoloi a molao ho sebetsa nako eohle ele hore ba qobe hoea makoloing a seng molaong.    

Post navigation